YouVersion Logo
Search Icon

1 BATHESALONIKA 5

5
1Bana beso, ha e le dinako le metsotso ha le hloke hore le ngollwe ka tsona. 2Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu. 3Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.
4Empa lona, bana beso, ha le lefifing, hoo Letsatsi leo le ka le tsometsang jwaloka leshodu. 5Lona bohle, le leng bana ba lesedi, le rata motsheare. Ha re ba bosiu, ha re rate lefifi. 6Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro. 7Ba robalang ba robala bosiu, le ba tahwang ba tahwa bosiu. 8Ha e le rona ba ratang motsheare, a re beng le boitshwaro, re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, re rwale katiba ya tshepe ya pholoho. 9Modimo ha a a re bopela ho re halefela, empa o re bopetse ho rua pholoho ka Morena Jesu Kreste, 10ya re shwetseng, e le hore, leha re fadimehile kapa re robetse, re tle re phele mmoho le yena. 11Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.
Dikgothatso le ditumediso tsa ho qetela
12Bana beso, re a le kopa: Hlomphang ba sebetsang ka thata hara lona ho le disa le ho le eletsa lebitsong la Morena. 13Ka baka la mosebetsi wa bona, le ba hlomphe haholo, le ba rate. Phedisanang ka kgotso. 14Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle. 15Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.
16Thabang kamehla, 17se phetseng ho rapela, 18lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.
19Se sitiseng Moya o Halalelang, 20se nyediseng dineo tsa boporofeta. 21Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, 22mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.
23E ka Modimo ya fanang ka kgotso, yena ka sebele a ka le halaletsa ka ho tlala, e le hore ka mokgwa o phethehileng le bolokehe moyeng, pelong le mmeleng, le tle le se ke la nyatseha mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang. 24Ya le bitsang o a tshepahala, mme hona o tla ho etsa.
25Bana beso, re rapelleng le rona.
26Dumedisang bana babo rona bohle ka kako e halalelang. 27Ka Morena, ke ipiletsa ho lona, ke re: Lengolo lena le ballwe bana babo rona bohle.
28Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.

Currently Selected:

1 BATHESALONIKA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy