YouVersion Logo
Search Icon

2 TIMOTHEA 2

2
Mohlabani wa sebele wa Jesu Kreste
1Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu. 2Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang. 3O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu. 4Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng. 5Ya kenelang phehisano ya dipapadi le yena a ke ke a fumana moqhaka wa tlholo, haeba a sa bapale ho ya ka melao ya teng. 6Sehwai ke sona se lokelang ho shwama pele. 7Nahana ka seo ke se bolelang, mme Morena o tla o fa kutlwisiso ya tsena tsohle.
8Hopola Jesu Kreste, setloholo sa Davida, ya tsohileng bafung, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka 9oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa. 10Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.
11Lentswe lena ke la nnete, le reng:
“Haeba re shwele le yena,
re tla phela le yena;
12haeba re mamella,
re tla busa le yena;
haeba re mo latola,
le yena o tla re latola;
13haeba re sa tshepahale,
yena o tla nne a tshepahale
hobane ha a ka ke a fetoha.”
Mosebeletsi ya amohelehang
14O nne o ba hopotse tsena, mme pela Modimo o ipiletse ho bona hore ba se ke ba ngangisana ka mantswe, e leng ho sa thuseng letho, haese ho timetsa ba mametseng. 15Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha. 16Sesefa dipolelo tse sa hlompheng, tsa lefeela, hobane di kgelosa batho bodumeding le ho feta. 17Dipolelo tsa bona di tla keka jwaloka mofetshe. Hara bona ho na le Hemenaiose le Filetose, 18ba kgelohileng nnete, ba ferekanyang tumelo ya ba bang, ka ho re tsoho ya bafu e se e ile ya eba teng. 19Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”
20Ka tlung e kgolo ha ho fumanwe dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsona tsa lehong le tsa letsopa; tse ding ke tsa mesebetsi e kgethehileng, tse ding ke tsa mesebetsi ya kamehla. 21Ekare ha motho a itlhwekisa ho tsena, e tla ba pitsa ya mesebetsi e kgethehileng, e halaleditsweng, e nang le thuso ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e molemo.
22Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng. 23Hana dikgang tsa bothoto, tse se nang kelello, etswe o tseba hore di tswala dintwa. 24Mohlanka wa Morena ha a tshwanele ho lwana, empa eka kgona a be mosa ho bohle, a tsebe ho ruta, a be le mamello. 25A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete, 26ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.

Currently Selected:

2 TIMOTHEA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy