YouVersion Logo
Search Icon

3 JOHANNE 1

1
Tumediso
1Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa Gaiose, motswalle wa ka, eo ke mo ratang kannete.
2Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya. 3Ke ile ka itumela haholo ha badumedi ba bang ba etla, mme ba paka kamoo o tsamayang nneteng kateng. 4Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.
Tshebedisano le kganyetsano
5Motswalle, seo o se etsetsang badumedi, le hoja e le baditjhaba, o se etsa ka botshepehi. 6Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo. 7Ba kene leetong lena ka baka la lebitso la Kreste, ba sa amohele thuso efe kapa efe ho bahedene. 8Rona re tshwanetse ho thusa batho ba jwalo, e le hore re tle re sebeletse nnete mmoho le bona.
9Ke se ke ngoletse phutheho lengolo, empa Dioterefese, ya ratang ditulo tse kapele, ha a re amohele. 10Ka baka lena, mohla ke tlang, ke tla hlahatsa mesebetsi ya hae yohle. O re etseletsa ka dipuo tse mpe. Ha tsena di sa mo kgotsofatse, o hana ho amohela badumedi, ebile o thibela le ba ratang ho ba amohela, mme o ba leleka phuthehong.
11Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo. 12Bohle ba paka Demetriose; le nnete e a mo paka. Le rona re paka jwalo, mme o a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete.
Ditumediso tsa ho qetela
13Ke ne ke sa na le tse ngata tseo nka o bolellang tsona, empa ha ke rate ho o ngolla tsona; 14feela ke tshepa ho o bona haufinyane, mme ke tla bua le wena re shebane.
15Kgotso e ke e be le wena. Metswalle ya rona e a o dumedisa. Le wena dumedisa metswalle ka mabitso.

Currently Selected:

3 JOHANNE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy