YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 4

4
Baiseraele ba ke ba ikokobetse
1“Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona. 2Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.
3“Le bone ka mahlo a lona, seo Morena a ileng a se etsa tabeng ya Baale-Peore, hobane monna e mong le e mong ya ileng a latela Baale-Peore, Morena Modimo wa lona, o ile a mo timetsa. 4Empa lona ba ileng ba kgomarela Morena Modimo wa lona, le ntse le phela bohle, le kajeno-ya-bokajeno.
5“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona. 6Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’
7“Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le Modimo ya haufi le sona, jwaloka Morena Modimo wa rona, ya bang haufi le rona, kamehla ha re ipiletsa ho yena? 8Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le melao, le ditaelo tse lokileng, jwaloka molao oo wohle, oo ke o hlahisang kapele ho lona kajeno?
9“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona. 10Mohla le neng le eme kapele ho Morena Modimo wa lona, Horebe, Morena a re ho nna: ‘Nkgobokanyetse setjhaba, ke tle ke etse hore se mamele dipolelo tsa ka, e le hore se tle se ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha sona lefatsheng, le hore se tle se rute bana ba sona.’
11“La na la atamela, la ema mosikong wa thaba, mme thaba ya etjha ke mollo, lelakabe la ya fihla hodimodimo; thaba ya aparelwa ke maru a matsho, le lefifi la bonkantjana. 12Morena a bua le lona a le kahara mollo. Le ile la utlwa modumo wa mantswe feela, empa la se ke la bona ya buang. Le ile la utlwa lentswe la hae feela.
13“O ile a le phatlalletsa selekane sa hae, seo a ileng a le laela ho se phetha; e leng Melao e leshome, eo a ileng a e ngola hodima matlapa a mabedi. 14Ka yona nako eo, Morena a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo tseo, e le hore le tle le di phethe ha le fihla naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.”
Kotsi ya ho rapela medimo ya bohata
15“Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang. 16Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi. 17E ka ba se tshwanang le phoofolo efe kapa efe e lefatsheng, kapa se tshwanang le nonyana efe kapa efe e fofang; 18kapa se tshwanang le eng kapa eng e hahabang hodima lefatshe; kapa se tshwanang le tlhapi efe kapa efe e metsing, katlase ho lefatshe. 19Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle. 20Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.
21“Ho feta mona, Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jorodane, le hore nke ke ka kena naheng e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be lefa. 22Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona. 23Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona. 24Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.”
Botshepehi ba Modimo
25“Haekare ha le tswetse bana, le ena le ditloholo, le se le phetse ka nako e telele naheng ena, la itshilafatsa ka ho etsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, mme la etsa hoo ho kgopo, moo Morena Modimo wa lona, a ntseng a bona, ho mo halefisa; 26lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang. 27Morena o tla le qhalanya hara ditjhaba, mme palo ya lona e tla fokola hara ditjhaba tseo Morena a tla le isa ho tsona. 28Le tla sebeletsa medimo e bopilweng ka matsoho a motho; medimo ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng. 29Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana. 30Matsatsing a qetello, ha le le matshwenyehong, mme dintho tsena di etsahala ho lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le mamele lentswe la hae. 31Morena Modimo wa lona, ke Modimo ya mohau, a ke ke a le lahla, kapa a le timetsa, kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona.”
Bopaki ba lerato la Modimo
32“Botsisisang tsa matsatsi a kgale, a bileng teng le eso be teng, ho tloha mohla letsatsi leo Modimo a neng a bope motho ka lona lefatsheng; le botse ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe ya lehodimo: Na ntho e kgolo, e kang ee, e kile ya eba teng? Kapa na e kang yona e kile ya utluwa? 33Na setjhaba se teng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo a bua a le kahara mollo, jwalokaha lona le le utlwile, sa nna sa phela? 34Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?
35“Le bontshitswe tsena hore le tsebe hore Morena ke yena Modimo, ha ho Modimo e mong kantle ho yena. 36O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo. 37Ka baka la hobane o ne a rata bo-ntata lona, o ile a kgetha ditloholo tsa bona, mme ka matla a hae a maholo, o ile a le ntsha Egepeta ka boyena. 38Ditjhaba tse kgolo, tse matla ho le feta, o ile a di leleka kapele ho lona ho le tlisa naheng ya tsona, le ho le nea yona, e le lefa la lona, jwalokaha ho le jwalo ka letsatsi lena.
39“Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong. 40Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”
Metse eo ho tshabelwang ho yona ka botjhabela ho Jorodane
41Moshe a kgetha metse e meraro, mose o ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela; 42hore e be moo mmolai ya bolayang wa habo e se ka morero a tla tshabela teng, kaha mmolauwa e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng, mme ka ho tshabela ho o mong wa metse ena, a tle a phele. 43Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.
Selelekela sa Molao
44Ona ke wona molao oo Moshe a ileng a o bea kapele ho bana ba Iseraele. 45Tsena ke ditemoso, le melao, le ditaelo, tseo Moshe a ileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta. 46Ba ne ba le kgohlong e mose o ka kwano ho Jorodane, malebana le Bete-Peore, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone. Ke yena eo Moshe le bana ba Iseraele ba ileng ba mo hlola, ha ba ne ba etswa Egepeta. 47Ba ile ba hapa naha ya hae, le naha ya Oge, kgosi ya Bashane, e leng dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di ahile mose o kwano ho Jorodane, ka botjhabela. 48Ba hapa ho tloha Arowere, e lebopong la nokana ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Heremone. 49Ba hapa le phula yohle e ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela, ho ya fihla Lewatleng la Letswai, tlasa mesiko ya Pisega.

Currently Selected:

DIPOLELO 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy