YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 20

20
Melao e leshome
(Dipo. 5:1-21)
1Yaba Modimo o bua mantswe ana wohle, o re:
2“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
3“O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.
4“O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong; kapa e tlase, lefatsheng; kapa e metsing, katlase ho lefatshe. 5O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng. 6Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.
7“O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso la hae.
8“Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse. 9O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mosebetsi wa hao kaofela, 10empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao. 11Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.
12“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
13“O se ke wa bolaya.
14“O se ke wa feba.
15“O se ke wa utswa.
16“O se ke wa etseletsa motho e mong.
17“O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.”
Baiseraele ba kenellwa ke letswalo
(Dipo. 5:22-33)
18Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole. 19Yaba se re ho Moshe: “Wena bua le rona, mme re tla mamela. Modimo yena a se ke a mpa a bua le rona, esere ra shwa.”
20Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng, hobane Modimo o tlile ho le leka, e le hore le tle le mo tshabe, le se ke la etsa sebe.”
21Setjhaba sa emella hole, mme Moshe a atamela lerung le letsho, moo Modimo a neng a le teng.
Melao ya dialetare
22Morena a re ho Moshe: “O tle o bue tjena ho bana ba Iseraele: ‘Le bone hore ke buile le lona ke le mahodimong. 23Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.
24“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse. 25Ha o nketsetsa aletare ka majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng, hobane ho a betla ke ho e silafatsa. 26O se ke wa hlwella aletareng ya ka ka mehato, e le hore bofeela ba hao bo se ke ba apohela ho yona.’ ”

Currently Selected:

PHALLO 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy