YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 14

14
Jesu ke tsela e isang ho Ntate
1“Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele. 2Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo. 3Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng. 4Ebile moo ke yang, tsela ya teng le a e tseba.”
5Thomase a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang teng; tsela re ka e tseba jwang na?”
6Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna. 7Ha le ntseba, le Ntate le a mo tseba. Ho tloha jwale le a mo tseba, le bile le mmone.”
8Filipi a re ho yena: “Morena, re bontshe Ntate, e be ho re lekane.”
9Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: ‘Re bontshe Ntate’? 10Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae. 11Ntumeleng ha ke re ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna; ha le sa ntumele, dumelang ka baka la yona mesebetsi eo. 12Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate. 13Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora. 14Ha le kopa eng kapa eng ka lebitso la ka, ke tla e etsa.”
Jesu o ba tshepisa Moya o Halalelang
15“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka. 16Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng, 17e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona. 18Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona. 19Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela. 20Mohlang oo le tla tseba hore ke ka ho Ntate, mme lona le ka ho nna, le nna ke ka ho lona. 21Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.”
22Judase, e seng Judase Isekariota, a re ho yena: “Morena, ho tla jwang hore ebe o se o tla iponahatsa ho rona, e seng ho lefatshe na?”
23Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena. 24Ya sa nthateng ha a boloke mantswe a ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.
25“Ke buile tsena ho lona ke sa ntse ke ena le lona, 26empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona. 27Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.
28“Le utlwile hore ke le boleletse, ka re: ‘Ke a ya, mme ke tla kgutlela ho lona.’ Haeba le ne le nthata, le ka be le thabile, hobane ke ya ho Ntate, kaha Ntate o moholo ho nna. 29Ke le boleletse e sa le jwale, pele ho etsahala, hore ha ho etsahala le tle le dumele. 30Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka, 31empa lefatshe le tshwanetse ho tseba hore ke rata Ntate, mme ke etsa jwalokaha Ntate a ntaetse. Emang, a re tloheng mona.”

Currently Selected:

JOHANNE 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy