YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 20

20
Tsoho ya Jesu
(Mat. 28:1-10; Mar. 16:1-8; Luka 24:1-12)
1Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng. 2Jwale a matha, a tla ho Simone Petrose le ho morutuwa e mong eo Jesu a neng a mo rata, a re ho bona: “Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng!”
3Petrose le morutuwa eo e mong ba tloha, ba ya lebitleng. 4Bobedi ba bona ba matha hammoho, empa morutuwa eo e mong a siya Petrose ka lebelo, a fihla pele lebitleng. 5Ha a nyarela, a bona masela a beilwe fatshe, empa a se ke a kena. 6Simone Petrose a tla a mo setse morao, a kena ka lebitleng, mme a bona masela a le fatshe. 7Lesela le neng le le hloohong ya hae le ne le se maseleng a mang, empa le ne le phuthilwe le le leng sebakeng se kathoko. 8Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela, 9hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung. 10Jwale barutuwa ba kgutlela hae.
Jesu o iponahatsa ho Maria wa Magadala
(Mar. 16:9-11)
11Maria wa Magadala o ne a eme kantle, pela lebitla, a ntse a lla. Ha a ntse a lla, a nyarela ka lebitleng. 12Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng diaparo tse tshweu a dutse, le leng ka hloohong, le leng ka maotong, moo setopo sa Jesu se neng se beilwe teng.
13A re ho yena: “Mosadi, o llelang?”
A re ho wona: “Ba tlositse Morena wa ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.” 14Yare ha a rialo, a reteleha, mme a bona Jesu a eme, feela a se ke a tseba hore ke Jesu.
15Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?”
Yena, ka ho hopola hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba ke wena ya mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla ya mo nka.”
16Jesu a re ho yena: “Maria!”
A reteleha, a re ho Jesu ka Seheberu: “Rabbuni!” ke ho re: Moruti!
17Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”
18Maria wa Magadala a ya behela barutuwa, a re: “Ke bone Morena!” A bolela le tseo Jesu a mmoleletseng tsona.
Jesu o iponahatsa ho barutuwa ba hae
(Mat. 28:16-20; Mar. 16:14-18; Luka 24:36-49)
19Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!” 20Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.
21Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.” 22Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang! 23Bao le ba tshwarelang dibe, ba di tshwaretswe; bao le ba ballang tsona, ba di baletswe.”
Jesu le Thomase
24Thomase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Lefahla, o ne a le siyo hara bona ha Jesu a fihla. 25Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.”
Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”
26Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!” 27Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”
28Thomase a araba, a re ho yena: “Morena wa ka le Modimo wa ka!”
29Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”
Sepheo sa buka ena
30Jesu o ile a etsa mehlolo e meng e mengata moo barutuwa ba hae ba ntseng ba bona, e sa ngolwang bukeng ena. 31Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.

Currently Selected:

JOHANNE 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy