YouVersion Logo
Search Icon

JOELE 1

1
1Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Joele, mora wa Petuele:
Setjhaba se llela tshenyo ya dijalo
2Lona maqheku mamelang mona!
Lona baahi bohle ba naha,
sekehang tsebe!
Na mehleng ya lona
ntho e tjee e kila bonwa?
Mehleng ya bo-ntata lona
teng e kila bonwa?
3Lona le e phetele bana ba lona;
bona ba e phetele ditloholo tsa lona;
tsona di e phetele
ditloholwana tsa lona.
4Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo:
wa pele wa eja dijalo, wa siya,
wa bobedi wa eja, le wona wa siya,
wa boraro wa eja, le wona wa siya,
wa bone wa eja, wa kokona tsohle.
5Lona matahwa, tsohang le lle!
Lona bohle ba nwang veine,
bokollang, le lle,
le llele veine e ntjha,
hoba le e amohilwe
le le kgatheng la ho e latswa.
6Tjhaba ke seo
se futuhela naha ya heso,
ke tjhaba se matla,
palo ya sona ke boiyane;
meno a sona ekare a lekakuba,
mekwetsepe ya sona
ekare ya tauhadi.
7Fate tsa ka tsa morara
se se se di sentse,
tsa feiye tsona
sa di ebola makgapetla,
sa a ebola, sa a lahlela hole,
makala a tsona a sala a sweufetse.
8Bokollang sa ngwetsana
e apere tse mahwashe,
e bokollela mohatsa yona
wa matswathaka.
9Nyehelo ya dijo le ya dino
e fedisitswe ka Tempeleng,
ka Tempeleng ya Morena.
Baprista ba aparetswe ke bofifi,
bona baprista
ba sebeletsang Morena.
10Masimo a lobetswe, a senyehile,
naha e omeletse, e se le sekaka,
mabele a lobetswe, a senyehile,
veine e ntjha ha e sa ritelwa,
ole le yona ha e sa fumanwa.
11Lona balemi, nyahamang dipelo!
Lona ba lemang morara, bokollang!
Bokollelang koro,
le bokollele harese,
hoba kotulo e senyehetse masimong.
12Fate tsa morara di se di omeletse,
fate tsa feiye tsona di ponne,
fate tsa kgarenate,
tsa palema le tsa diapole:
Difate tsohle tsa naha di omeletse.
Ruri batho ba feletswe ke monyaka.
Setjhaba se ke se bake
13Lona baprista,
aparang tse mahwashe, le lle!
Lona basebeletsi ba aletare,
bokollang!
Tloong, le lale le apere,
le apere tse mahwashe,
lona basebeletsi ba Modimo wa ka,
hoba nyehelo ya dijo le ya dino
e fedisitswe ka Tempeleng,
ka Tempeleng ya Modimo wa lona.
14Kgethang letsatsi la ho itima dijo,
le meme phutheho e halalelang.
Phuthang maqheku
le baahi bohle ba naha,
ba phuthehele
ka Tempeleng ya Morena,
ya Morena Modimo wa rona:
bohle ba meketso,
ba ipiletse ho Morena.
15A letsatsi le tshabehang!
Tsatsi la Morena le se le le haufi!
Le tla tla e le tsatsi la timetso
e tswang ho Ya Matla wohle.
16Na dijo ha di a senyeha
re ntse re di shebile?
Ka Tempeleng ya rona
thabo le monyaka di kae?
17Peo e bolelletse katlasa makwete,
mediko e senyehile, disiu di tabohile,
hobane mabele le wona a phutsitse.
18Diphoofolo di dumaela habohloko!
Mehlape ya dikgomo e a diila,
e hloka makgulo;
mehlape ya dikgutshwane
le yona e a tsherema.
19Oho, Morena,
ke ipiletsa ho wena,
hobane hlaha e tjhesitse
makgulo a lehwatata,
fate tsohle le tsona
tsa tjhella hara dithota.
20Dibatana tsa naha di a o bokollela,
hobane metsi a dinoka
a pshele pshi!
Hlaha e tjhesitse
le makgulo a lehwatata.

Currently Selected:

JOELE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy