YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 17

17
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Manase
1Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani. 2Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona.
3Empa Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, yena o ne a se na bara, haese baradi feela. Mabitso a baradi bao e ne e le Mahla, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa. 4Baradi bana ba tla kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho Joshua, mora wa Nune, le kapele ho mahosana, ba re: “Morena o laetse Moshe hore a re nee lefa lefeng la dikgaitsedi tsa rona.” Ka baka leo, ka taelo ya Morena, Joshua a ba abela lefa lefeng la bana babo ntata bona. 5Manase o ile a fumana dikarolo tse leshome, ntle ho naha ya Gileade le ya Bashane, e kamose wane ho Jorodane, 6hobane baradi ba Manase ba ile ba fumana lefa lefeng la bana ba hae. Naha ya Gileade yona e ile ya eba ya bara ba bang ba Manase.
7Moedi wa naha ya Manase o ne o tloha Ashere ho ya fihla Mikemetate, ka botjhabela ho Shekeme, ebe o thinyetsa ka letsohong le letona ho leba naheng ya baahi ba Ene-Tapua. 8Naha ya Tapua e ne e le ya Manase, athe motse wa Tapua o neng o le moeding wa Manase, wona e ne e le wa bana ba Efraime. 9Moedi wa theosa ho ya fihla molatswaneng wa Kana. Metse e ka borwa ho molatswana oo, e hara metse ya Manase, yona e ne e le ya Efraime. Moedi wa naha ya Manase o ne o le ka leboya ho molatswana oo, o ilo fella lewatleng. 10Ka borwa e ne e le ha Efraime, ka leboya e le ha Manase, lewatle e le moedi wa bona. Ka leboya moedi o ne o fihla Ashere, ka botjhabela o fihla ha Isakare.
11Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.
12Leha ho le jwalo, bana ba Manase ba ile ba sitwa ho leleka baahi ba metse eo, mme Bakanana le bona ba ikemisetsa ho dula naheng eo. 13Yare ha bana ba Iseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba. Empa ha ba a ka ba ba leleka ho hang.
Boipelaetso ba morabe wa Josefa
14Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”
15Yaba Joshua o re ho bona: “Haeba le le setjhaba se seholo, nyolohelang morung mane, mme le hleke difate naheng ya Baperise, le ya Barefaime, hobane sebaka sena sa naha e maralla se senyenyane bakeng sa lona.”
16Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.”
17Yaba Joshua o bua le ba ntlo ya Josefa, e leng ba ntlo ya Efraime, le ba ntlo ya Manase, o re: “Le setjhaba se seholo, se matla haholo; le ke ke la fumana seabo se le seng feela. 18Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.”

Currently Selected:

JOSHUA 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy