YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 11

11
Thuto ya Jesu ka tsa thapelo
(Mat. 6:9-15; 7:7-11)
1Yare hoba Jesu a qete ho rapela a le sebakeng se seng, morutuwa e mong wa hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne a rutile barutuwa ba hae.”
2A re ho bona: “Ha le rapela, le re:
“Ntate, Lebitso la hao le halaletswe;
Mmuso wa hao o tle;
3o re fe ka letsatsi le letsatsi
bohobe boo re bo hlokang;
4o re tshwarele dibe tsa rona,
hobane le rona re tshwarela
bohle ba re sitelwang;
o re phemise ho kena molekong.”
5A ba a re ho bona: “Ke mang ho lona ya ka bang le motswalle, a ya ho yena ka seroko, a re ho yena: ‘Motswalle, ako nkadime dinkgwa tse tharo, 6hobane motswalle wa ka ya leetong o mphapohetse, mme ha ke na seo nka mo fang sona.’
7“Yaba eo o araba a le kahare, o re: ‘O se ke wa ntshwenya; monyako o se o notletswe, mme ke se ke robetse le bana ba ka; nke ke ka tsoha ho o fa!’ 8Ke a le bolella, leha a ke ke a tsoha ho mo fa ka baka la hobane e le motswalle wa hae, o tla mpe a tsohe a mo fe kamoo a hlokang kateng ka lebaka la qophello ya hae.
9“Ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa. 10Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa.
11“Ana ke ntate ofe ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a kopa tlhapi, ebe o mo nea noha bakeng sa tlhapi? 12Kapa haeba a kopa lehe, ebe o mo nea phepheng na? 13Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”
Jesu le Beele-Sebule
(Mat. 12:22-30; Mar. 3:20-27)
14Jesu o ne a leleka modemona o semumu; yare hoba modemona o tswe, semumu sa bua. Matshwele a makala, 15empa ba bang ho bona ba re: “O leleka bademona ka Beele-Sebule, morena wa bademona.” 16Ba bang bona ba mo kopa mohlolo o tswang lehodimong, ka ho mo leka.
17Empa ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, le lelapa le ikarolang ho itwantsha, le tla wa. 18Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule. 19Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona, ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona. 20Empa ha ke leleka bademona ka monwana wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.
21“Ha seqhobane se lebela lelapa la sona se hlometse kahohle, thepa ya sona e bolokehile, 22empa ha ho etla e mong ya se fetang ka matla, a se hlola, o nka dihlomo tsa sona tseo se di tshepileng, a abe tseo a di hapileng.
23“Ya sa emeng le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya.”
Ho kgutla ha moya o ditshila
(Mat. 12:43-45)
24“Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o sa e fumane, o re: ‘Ke tla kgutlela tlung ya ka moo ke tswileng teng.’ 25Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe; 26ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele.”
Lehlohonolo la nnete
27Eitse ha Jesu a bolela taba tseo, mosadi e mong hara letshwele a phahamisa lentswe, a re ho yena: “Ho lehlohonolo popelo e ileng ya o emola le matswele ao o ileng wa a anya!”
28Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”
Ba batla sesupo
(Mat. 12:38-42; Mar. 8:12)
29Yare ha matshwele a subuhlellana, Jesu a re: “Moloko ona ke moloko o kgopo; o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sesupo sa Jonase. 30Jwalokaha Jonase e ile ya eba sesupo ho ba Ninife, Mora Motho le yena o tla ba jwalo ho moloko ona. 31Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose batho ba moloko ona, a ba ahlole, hobane o ne a tlohe dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ho fetang Solomone. 32Batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ho fetang Jonase.”
Leihlo ke lebone la mmele
(Mat. 5:15; 6:22,23)
33“Ha ho ya hotetsang lebone a le bee sebakeng se patehileng, leha e le katlasa nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, hore ba kenang ba bone lesedi. 34Leihlo la hao ke lebone la mmele. Ha leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, empa ha le le lebe, le wona mmele wa hao o aparetswe ke lefifi. 35Ha ho le jwalo o hlokomele hore lesedi le ka ho wena e se be lefifi, 36hobane ha mmele wa hao wohle o ena le lesedi, o se na karolo le e nngwe e aparetsweng ke lefifi, o tla be o ena le lesedi ka botlalo, jwalokaha lebone le o bonesetsa ka lesedi la lona.”
Jesu o nyatsa Bafarisi le Ditsebi tsa Molao
(Mat. 23:1-36; Mar. 12:38-40; Luka 20:45-47)
37Yare ha a ntse a bua, Mofarisi e mong a mo kopa hore a yo ja le yena; a kena, a ja. 38Mofarisi eo a mpa a makala ha a bona hore Jesu ha a a ka a itlhatswa a eso je.
39Morena a re ho yena: “Lona, Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mohope, empa bokahare ba lona bo tletse meharo le bokgopo. 40Dithoto ting! Na ya ileng a etsa bokantle hase yena ya entseng le bokahare? 41Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.
42“Empa le madimabe, Bafarisi, hobane le ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome ya kwena, le lengana, le ya moroho o mong le o mong, athe le tlohela toka le lerato la Modimo. Empa eka kgona ho etswe tsena ho sa tlohelwe tsane.
43“Le madimabe, Bafarisi, hobane le rata ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditumediso mabaleng a metse.
44“Le madimabe, hobane le tshwana le mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a lemohe.”
45E mong wa Ditsebi tsa Molao a mo araba, a re: “Moruti, ha o rialo, le rona o a re hlapaola.”
46Jesu a re: “Le lona le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le jarisa batho mejaro e ba imelang, empa lona le sa ame mejaro eo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.
47“Le madimabe, hobane le haha diemahale tsa baporofeta ba bolailweng ke bo-ntata lona. 48Kahoo le dipaki, mme le dumellana le diketso tsa bo-ntata lona, hobane bona ba ile ba ba bolaya, athe lona le haha diemahale tsa bona. 49Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: ‘Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa, 50hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng haesale lefatshe le thewa, a tle a batlwe ho moloko ona, 51ho tloha mading a Abele, ho ya fihla mading a Sakariya, ya ileng a timetswa pakeng tsa aletare le Tempele.’ E, ke a le bolella, a tla batlwa ho moloko ona.
52“Le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo, empa ka bolona ha le a ka la kena, le thibetse ba neng ba kena.”
53Hoba a tlohe moo, Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho mo hlonamela hampe, ba leka ho mmuisa tse ngata, 54ba ntse ba mo tjhehile, hore ba tle ba tshwase ho hong ho ka tswang molomong wa hae.

Currently Selected:

LUKA 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy