YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 18

18
Setshwantsho sa mosadi wa mohlolohadi le moahlodi
1Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala. 2A re: “Moahlodi ya sa tshabeng Modimo, ya sa reng letho ka motho, o ne a le teng motseng o mong. 3Ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, mme o ne a ye a tle ho yena, a re: ‘Nkahlolele ho ya ntsekisang.’
4“A hana ka nako e itseng, empa hamorao a inahana, a re: ‘Leha ke sa tshabe Modimo, le motho ke sa re letho ka yena, 5feela kahobane mohlolohadi enwa o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, esere qetellong a nngamola hlooho ka ho nna a etla.’ ”
6Yaba Morena o re: “Utlwang seo moahlodi ya sa lokang a se bolelang. 7Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela? 8Ke a le bolella hore o tla ba ahlolela kapelepele. Leha ho le jwalo, na Mora Motho ha a etla, o tla fumana tumelo lefatsheng?”
Setshwantsho sa Mofarisi le molekgetho
9Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re: 10“Banna ba babedi ba ile ba nyolohela Tempeleng ho ya rapela, e mong e le Mofarisi, e mong e le molekgetho. 11Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa. 12Ke itima dijo habedi ka beke; ke ntsha karolo e le nngwe ho ya tsohle tseo ke di fumanang.’
13“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’
14“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
Jesu o hlohonolofatsa masea
(Mat. 19:13-15; Mar. 10:13-16)
15Jwale batho ba tlisa le masea ho Jesu hore a tle a a ame, empa ha barutuwa ba bona hoo, ba ba kgalemela. 16Empa Jesu a a bitsa, a re: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona. 17Ruri ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”
Mmusi wa morui
(Mat. 19:16-30; Mar. 10:17-31)
18Mmusi e mong a botsa Jesu, a re: “Moruti ya molemo, nka etsa eng hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”
19Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese a le mong, e leng Modimo. 20O tseba ditaelo tse reng: ‘O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao.’ ”
21A re: “Tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.”
22Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”
23Empa ha a utlwa tsena, a swaba haholo, hobane o ne a ruile haholo.
24Eitse ha Jesu a bona hore o swabile haholo, a re: “Ho thata hakaakang ho barui ho kena Mmusong wa Modimo! 25Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale, ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”
26Ba utlwileng ba re: “Ke mang he, ya ka pholoswang?”
27Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”
28Yaba Petrose o re: “Bona, rona re tlohetse ding tsa rona, ra o latele.”
29Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella hore ha ho le ya mong ya tlohetseng ntlo, kapa mosadi, kapa bana babo, kapa batswadi, kapa bana, ka baka la Mmuso wa Modimo, 30eo nakong ena a ke keng a buseletswa haholo, mme mehleng e tlang a amohela bophelo bo sa feleng.”
Jesu o bua ka lefu la hae le tsoho ya hae kgetlo la boraro
(Mat. 20:17-19; Mar. 10:32-34)
31Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala, 32hobane o tla neelwa baditjhaba, a songwe, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe; 33hoba ba mo shape, ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.”
34Empa ha ba a ka ba utlwisisa letho la ditaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utlwisise se bolelwang.
Phodiso ya mokopi wa sefofu haufi le Jeriko
(Mat. 20:29-34; Mar. 10:46-52)
35Eitse ha Jesu a atamela Jeriko, sefofu se seng sa be se dutse pela tsela, se kopa. 36Yare ha se utlwa letshwele le feta, sa botsa hore na ekaba hoo keng. 37Ba se bolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta.
38Yaba se a howa, se re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!”
39Ba tsamayang kapele ba se kgalemela hore se thole, empa sona sa eketsa ho howa haholo, sa re: “Mora Davida, nkgauhele!”
40Jesu a ema, a laela hore se tliswe ho yena. Yare hoba se atamele, a se botsa, a re: 41“O rata ha ke o etsetsa eng?”
Sa re: “Morena, nke ke boele ke bone!”
42Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.” 43Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.

Currently Selected:

LUKA 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy