YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 9

9
Thomo ya ba leshome le metso e mmedi
(Mat. 10:5-15; Mat. 6:7-13)
1Jesu a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le taolo hodima bademona bohle le matla a ho fodisa malwetse, 2a ba roma ho ya phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang, 3a re ho bona: “Le se ke la nka letho ha le eta, leha e le lere, leha e le mokotlana, leha e le bohobe, leha e le tjhelete, leha e le diaparo tse pedi motho ka mong. 4Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le dule teng, ho fihlela le tloha. 5Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.” 6Hoba ba tlohe, ba ya le metse ba ntse ba bolela molaetsa o molemo, ba fodisa kahohle.
Heroda o a tsieleha
(Mat. 14:1-12; Mar. 6:14-29)
7Morena Heroda a utlwa tsohle tse etsahalang, mme a tsieleha hobane ba bang ba ne ba re, Johanne o tsositswe bafung, 8ba bang ba re, ho hlahile Elia, ba bang ba re, ho tsohile moporofeta e mong wa ba boholoholo. 9Empa Heroda a re: “Johanne ke mo kgaotse hlooho. Jwale enwa ke mang eo ke utlwang ho bolelwa tse jwalo ka yena?” Yaba o batla ho mmona.
Jesu o fepa ba kete tse hlano
(Mat. 14:13-21; Mar. 6:30-44; Joh. 6:1-14)
10Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida. 11Yare ha matshwele a tseba, a mo latela. Hoba a a amohele, a bua le wona ka Mmuso wa Modimo, a fodisa ba hlokang ho fodiswa.
12Ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba atamela, ba re ho yena: “Lokolla letshwele, hore batho ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robaletse teng, mme ba fumane se jewang, hobane mona re nahathothe.”
13A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!”
Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!” 14E ne e le banna ba ka ba bang kete tse hlano.
A re ho barutuwa ba hae: “Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano se le seng.” 15Ba etsa jwalo, ba ba dudisa bohle. 16Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele. 17Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.
Petrose o bolela hore na Jesu ke mang
(Mat. 16:13-19; Mar. 8:27-29)
18Eitse ha Jesu a ntse a rapela boinotshing, barutuwa ba ena le yena, a ba botsa, a re: “Matshwele a re ke mang?”
19Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.”
20A re ho bona: “Empa lona le re ke mang?”
Petrose a araba, a re: “O Kreste wa Modimo.”
Jesu o porofeta lefu le tsoho ya hae
(Mat. 16:21-28; Mar. 8:30 — 9:1)
21A ba laya, mme a ba laela ho se bolelle motho hona, 22a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.”
23Jwale a re ho bohle: “Haeba motho a rata ho ntshala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele. 24Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa. 25Ebe motho a ka boellwa keng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae, kapa a timela? 26Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang. 27Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.”
Tshobotsi ya Jesu e a fetoha
(Mat. 17:1-13; Mar. 9:2-13)
28Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela. 29Ha a ntse a rapela, a fetoha tshobotsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya. 30Bonang, banna ba babedi, bao e neng e le Moshe le Elia, ba ne ba buisana le yena, 31ba iponahatsa tlotleng, ba bua ka lefu la hae leo a seng a tla le shwa Jerusalema. 32Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena. 33Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang.
34A re a sa rialo, ha tla leru, mme la ba kgurumetsa; ba tshoha ha ba kena lerung. 35Lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng; mo mameleng!” 36Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng.
Phodiso ya moshanyana ya nang le moya o ditshila
(Mat. 17:14-20; Mar. 9:14-27)
37Ka le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwelehadi la kgahlanyetsa Jesu. 38Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi. 39Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse. 40Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba hlotswe.”
41Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!”
42A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae. 43Bohle ba tsota boholo ba Modimo.
Jesu o porofeta lefu la hae hape
(Mat. 17:22,23; Mar. 9:30-32)
Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: 44“Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.” 45Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo.
E moholo ke mang?
(Mat. 18:1-5; Mar. 9:33-37)
46Jwale ha hlaha kgang hara bona, ya hore na ekaba e moholo hara bona ke mang. 47Jesu, ka ho tseba menahano ya pelo tsa bona, a nka ngwana, a mo emisa pela hae, 48a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
Ya sa le lwantsheng o eme le lona
(Mar. 9:38-40)
49Johanne a bua, a re: “Monghadi, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, kahobane a sa o latele jwaloka rona.”
50Jesu a re ho yena: “Le se ke la mo thibela, hobane ya sa le lwantsheng o eme le lona.”
Motse o mong wa Samaria o hana ho amohela Jesu
51Ha nako ya hae ya ho nkelwa lehodimong e atametse, a ikemisetsa ho leba Jerusalema, 52mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa. 53Empa ba se ke ba mo amohela, hobane a ne a lebile Jerusalema. 54Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?” 55Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela. 56Yaba ba ya motseng osele.
Ba reng ba tla latela Jesu
(Mat. 8:19-22)
57Ha ba le tseleng, e mong a re ho Jesu: “Ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”
58Jesu a re ho yena: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
59A re ho e mong: “Ntatele!”
Empa eo a re: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.”
60Jesu a re ho yena: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa wena eya, o phatlalatse Mmuso wa Modimo.”
61E mong hape a re: “Ke tla o latela, Morena; feela ako ntumelle ke yo dumedisa ba lelapa la ka pele.”
62Jesu a re ho yena: “Ya beang letsoho mohomeng, empa a hetla tse kamorao, ha a lokele Mmuso wa Modimo.”

Currently Selected:

LUKA 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy