YouVersion Logo
Search Icon

BAFILIPI 4

4
1Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.
Dikgothatso
2Ke rapela Efodia le Sintike hore ba be pelonngwe Moreneng. 3Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.
4Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang! 5Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi. 6Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. 7Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.
8Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane. 9Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.
Ho ananelwa ha mpho ya Bafilipi
10Morena o nthabisitse ha e le mona qetellong le ile la boela la nthahasella. Hase ho re le ne le sa nthahaselle, le mpile le sa fumane monyetla. 11Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona. 12Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki. 13Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.
14Leha ho le jwalo, le entse hantle ha le nthusitse tsietsing ya ka. 15Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho phatlalatsa molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e kileng ya mpuseletsa letho bakeng sa thuso ya ka, haese lona feela. 16Ha ke ne ke le Thesalonika, ke ka makgetlo le ileng la nthomella seo ke neng ke se hloka. 17Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana. 18Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo. 19Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.
20Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Ditumediso tsa ho qetela
21Dumedisang bohle ba dumelang ho Kreste Jesu. Bana babo rona, bao ke nang le bona, ba a le dumedisa. 22Badumedi bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba sebetsang tlung ya Sesare.
23Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona.

Currently Selected:

BAFILIPI 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy