YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 2

2
Melemo ya bohlale
1Mora wa ka,
ha o ka mamela polelo tsa ka,
wa boloka ditaelo tsa ka;
2wa sekehela bohlale tsebe,
pelo ya hao ya labalabela
ho ba le kutlwisiso;
3ha o ka ipiletsa hore o be sedi,
wa kopa hore o be le kutlwisiso;
4ha o ka e batla
sa hoja o batla silefera,
wa e batla sa tlotlo e le patuwe;
5kutlwisiso ya ho tshaba Morena
o tla e fihlela,
ho tseba Modimo le hona
o ho fumane.
6Ke Morena ya fanang ka bohlale,
tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
7O hlokomela metsamao
ya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi.
8O baballa ba lokileng
tseleng tsa bona,
batshepuwa ba hae a ba sireletse.
9O tla utlwisisa ho loka,
ho tshepeha, le ho nepahetseng,
o utlwisise le ditsela tsohle,
tsela tsohle, tse lokileng;
10hobane bohlale
bo tla kena pelong ya hao,
tsebo e be boithabiso,
boithabiso ba pelo ya hao.
11O tla baballwa ke ho ba le kelello,
kutlwisiso e o sireletse,
12e o pholose tseleng tse kgopo,
e o phemise ba buang tse mpe,
13ba lahlang tsela tse lokileng,
ba tsamayang tseleng tse lefifi.
14Bona ba thabela ho etsa bobe,
ba thabela bokgopo ba ba kgopo,
15bao tsela tsa bona di kgopameng,
metsamao ya bona e kgelohileng.
16O tla phemiswa mosadi wa sehlola,
mosadi ya ekang ka dipolelo,
17ya sa tshepahaleng
ho monna wa hae,
ya lebalang
selekane sa Modimo wa hae.
18Lapa la hae le kgannela lefung,
tsela tsa hae di isa ho ba shweleng.
19Ba kenang lapeng leo
ha ba ke ba kgutla,
le tsela ya bophelo ha ba e fumane.
20Kahoo o tla tsamaya
tseleng ya ba lokileng,
o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi.
21Ba lokileng ba tla phela lefatsheng,
ba hlokang kodi ba ahe ho lona.
22Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng,
mahlabaphiyo a timetswe ho lona.

Currently Selected:

MAELE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy