YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 4

4
Thapelo ya mantsiboya
1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.
2Oho, Modimo,
mosireletsi wa ditokelo tsa ka,
ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena.
O ntokolotse matshwenyehong a ka;
nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.
3Lona batho ting!
le tla ntlontlolla ho fihlela neng,
le rate mafeela,
le mathele mashano?
4Tsebang hore Morena
o etsetsa motshepuwa wa hae
tse hlollang,
Morena o a mmamela
ha ke ipiletsa ho yena.
5Tshabang Modimo,
le se hlole le etsa sebe;
tholang, mme le thuise tsena
ka dipelong,
le di thuise ha le le diphateng.
6Nyehelang ka mahlabelo
ka mokgwa o lokelang,
le nyehele ka wona,
le tshepe Morena.
7Ba bangata ba re:
“Re tla fumantshwa lehlohonolo
ke mang?”
Oho, Morena,
re phuthollele sefahleho sa hao.
8O thabisitse pelo ya ka
ho feta mohla batho
ba atetsweng ke koro le veine.
9Ke tla ithoballa ka kgotso,
ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle.

Currently Selected:

DIPESALEMA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy