YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 12

12
Bophelo bo botjha ho Kreste
1Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang. 2Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
3Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng. 4Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, 5ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong. 6Jwale re na le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng. Ya neilweng ho porofeta, a porofete ka ho ya ka tumelo; 7ya neilweng ho sebeletsa, a sebeletse; ya neilweng ho ruta, a rute; 8ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo.
Melao ya bophelo ba Bokreste
9Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle. 10Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana. 11Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang. 12Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong. 13Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti.
14Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka. 15Thabang le ba thabileng, llang le ba llang. 16Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.
17Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle. 18Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng. 19Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena. 20Empa:
“Ha sera sa hao se lapile,
se fepe; ha se nyorilwe,
se fe metsi se nwe;
ka ho etsa jwalo
o se hlabisa dihlong.”
21O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.

Currently Selected:

BAROMA 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy