YouVersion Logo
Search Icon

SAKARIYA 7

7
Ho itima dijo ha boikaketsi
1Ka selemo sa bone sa puso ya kgosi Dariuse, Morena a boela a bua ho Sakariya. E ne e le ka letsatsi la bone la kgwedi ya borobong, e leng ya Pudungwana. 2Baahi ba Bethele ba ne ba ile ba roma bo-Saresere le Regeme-Meleke, ba ena le batho ba bona, ho ya rapela Morena, 3le ho ya botsa baprista ba Tempele ya Morena wa mabotho, le baporofeta, ba re: “Na re tshwanela ho lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha re nnile ra etsa ka dilemo tse ngatangata?”
4Yaba Morena wa mabotho o bua ho nna, o re: 5“Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: ‘Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka? 6Na ha le ne le eja, le enwa, le ne le sa itjelle le ho inwella e le lona? 7Na see hase sona seo Morena a neng a se bolele ka baporofeta ba boholoholo, mehleng ya ha Jerusalema e sa na le baahi, mme e atetswe ke nala, yona le metse e e potapotileng, le naha e ka Borwa le e diphuleng?’ ”
Setjhaba se thopilwe hobane se sa mamele
8Morena wa mabotho a boela a bua ho Sakariya, a re: 9“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. 10Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’
11“Empa setjhaba se ile sa hana ho mmamela; sa eba manganga; sa ithiba ditsebe. 12Sa thathafatsa dipelo tsa sona jwaloka lejwe la moralla, e le hore se se ke sa utlwa molao le dipolelo tseo Morena wa mabotho a neng a se boleletse tsona ka Moya wa hae, ka baporofeta ba mehleng ya boholoholo. Kahoo Morena wa mabotho o ile a halefa haholo.
13“ ‘Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho. 14‘Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo.’ ”

Currently Selected:

SAKARIYA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy